Bukanyana ea merapelo ho batho ba kereke.
A simple manual of private devotions and preparation for the Holy Communion in the Sesutho Language.
Issued with the approval of the Bishop of Natal.
London: Society for Promoting Christian Knowledge, 1911.

 


Sotho is a major language of South Africa and Lesotho, spoken by at least five million people. Anglican liturgical translations into this language for use in the Diocese of Natal began in 1878, and have continued through today.

This book was published during the episcopate of Frederick Samuel Baines (1858-1939, fourth Bishop of Natal, 1901-1928). The text was transcribed by Richard Mammana from a copy provided by Thomas Rae.


 

MERAPELO EA HOSASA

Ka Lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang. Amen.
Oena Molimo oa mpona.
Ntat’a rona a maholimong, Lebitso la hao le halaletsoe, Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatseng, Joaleka leholimong. U re fe kajeno bohobe be rona ka tsatsi le leng le le leng. U re tsoarele melato ea rona, Joaleka ha re tsoarela ba re sitetsoeng. ’Me u se ke oa re isa molekong; ue mpe u re loele bobeng; Hobane ’Muso ke oa hao, le matla, le khanya, ka ho sa eeng kae. Amen.

U ’nehe, Oho Morena, ’na mohlanka le ngoana oa has ea ikokobelitseng, tsoarelo le khotso, hore ke tle ke hlatsoehe libeng tsohle tsa ka, ke U sebeletse ka letsoalo le khutsitseng. U nketse hore ke hloee sebe; U nthuse ho U sebeletsa letsatsing lena, ’me u mpoloke molekong, ka Jesu Kreste Morena oa rona. Amen.

Oho Molimo o matla ohle, kea u leboha ka hobane u mpolokile hantle bosiung bo fetileng. U ntsireletse letsatsing lena libeng tsohle le likotsing. U nketse hore ke sebeletse bohle bao u ba beileng holim’a ka ka tsoanelo le kutlo. U nketsoe hore ke ahisane le ba heso le metsoalle ea ka ka mosa le ka lerato. U nthuse ho hopola hore U ntse U mpona ka linako tsohle. U nketse hore tsohle tsee ke li etsang, ke li etse ka ho loka le ka hloeko, le tsohle tsee ke li buang ke li bue ka ’nete. Moea oa Hao o Halalelang o ke o ntsamaise tseleng e lokileng o mphihlise bophelong bo sa feleng, ka baka la Jesu Kreste. Amen.

MERAPELO EA MANTSIBOEA

Khumama, u re.
Ka Lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang. Amen.
Oena Molimo oa mpona.

Morena u nkhauhele.
Kreste u nkhauhele.
Morena u nkhauhele.

Ntat’a rona a maholimong, Lebitso la hao le halaletsoe, Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatseng, Joaleka leholimong. U re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng. U re tsoarele melato ea rona, Joaleka ha re tsoarela ba re sitetsoeng. ’Me u se ke oa re isa molekong; ue mpe u re loele bobeng; Hobane ’Muso ke oa hao, le matla, le khanya, ka ho sa eeng kae. Amen.

Oho Morena, Moea oa Hao o Halalelang o nthuse mefokolong ea ka, o nthute hore ke tsebe libe tsa ka, ke tle ke u rapele ka mokhoa o lokileng, ka Jesu Kreste. Amen.

Leka ho imamela ha e ba u sitetsoe motho e mong, kapa eba u boletse mantsoe a bolotsana, kapa a sehloho, me up kope thuso ea Molimo ho bolela mantsoe ana:—

Oho Molimo, ke ipolela ho Oena hore ke u sitetsoe letsatsing lena. Ke kopa tsoarelo ho Oena. Ke U kopa ho tsola libe tsa ka, ka baka la Jesu Kreste. U nthuse ka baka la Hae ho tsoarela bao ba ntsitetsoeng kajeno.

Oho Ntate oa leholimo, ke rorisa Lebitso la Hao le Halalelang. Kea U leboba bakeng sa bophelo ba ka, le metsoalle ea ka. Kea U leboha ka hobane U rometse Moprista oa Hao sebakeng sena ho nthuta sekolong, le phuthehong. Kea U leboha ka baka la lerato la Hao leo U rometseng Mora oa Hao ka lona lefatseng ho re lopolla libeng tsa rona, le ho re bontsa tsela ea poloko. U nkhopotse litaba tsena ka matsatsi ohle ka baka la Jesu Kreste. Amen.

Oho Morena U hopole bohle bao ke ba ratang . . . le bao ba nthatang, bohle ba kulang . . . le ba makhatheng a ho shoa: U ba natlafatse, Oho Morena, ha e ka ba thato ea Hao, kamoo U folisistseng batho ha U sa le lefatseng. U ke u khahlisoe, Oho Morena, ke ho tsila tseleng ea ’nete, kolobetsong le Kerekeng, bohle ba leng bohedeneng, bohle ba sa U tsebeng, bohle ba hanang ho lumela ho Oena. U nkutloe, Oho Morena, ka baka la Mora oa Hao Jesu Kreste Moloki oa rona. Amen.

Molimo Ntate, Molimo Mora, le Molimo Moea o Halaleleng, U ntlohonolafatse, U mpaballe, U mpoloke bosiung bona le ka ho sa feleng. Amen.

Sefela (Hymn.)
(Glory to Thee, my God, this night.)

Molimo, poko e be teng
Ho Oena, ea re ratileng;
U re boloke bosiung
Re sireletsoe lefifing.

Re fe teselo e tletseng,
Bitsong la Jesu Ea shoeleng;
Re be le khotso Moreneng
Le batho bohle lefatseng.

U re phomotse borokong,
U re nchafatse lipelong,
Leleka meea E tsosang;
Le toro tse re tsabisang.

U re tselise bohlokong,
U re loanele melekong;
’Me U re tsose bofelong,
U re emele kahlolong.

A re thabeng re inameng;
Mang’os’a Kreste, le bineng;
Le libopuoa, le bokeng,
Molimo, O re bopileng. Amen.

Thapelo pele ho liyo.

Oho Morena, U hlohonolafatse lineo tsa hao, re tle re ithuse ka tsona, ’me U hlohonolofatse le rona ho U sebeletsa, ka baka la Jesu Kreste. Amen.

Seboho ka mor’a liyo.

Lebitso le Halalelang la Molimo le rorisoe bakeng sa tsena, le lineo tsohle tse ling tsa Oona. Amen.

Ha u Kena ka Kerekeng, u Khumame hang, ’me u re:—

Oho Morena U ahlamise molomo oa ka, ke tle ke hlahise lithoko tsa Hao. U hloekise mehopolo ea ka ka mohau oa Moea oa Hao o Halalelang, ke tle ke U rorise; ’me U ’nee hore ke se ke ka inehela mehopolo ea bosaoana, ka baka la Jesu Kreste. Amen.

(Ha thapelo e felile, lula ho fihlela baruti ba e tsoa Kerekeng, u ntoo khumama, u re:—)

Kea U leboha, Oho Morena, ha U ntumeletse ho kopana le Kereke ea Hao thapelong, le lithokong le thorisong. U ntsoarele ha e ba ke entse liphoso, me U ’nee hore seo ke tsoang ho se bolela ka melomo ea ka ke tle ke se hlahise bophelong ba ka, ka Jesu Kreste, Mora oa Hao, Morena oa rona. Amen.

Merapelo ea nako tse itseng.

1. E rapellang matla nakong ea moleko.

Oho Morena, kea U rapela, U ’nee mohau; u nthuse ho hlola meleko ea lefatse, le ea nama, le ea Diabolo: le ho U latela, Molimo o le Mong, ka khopolo le ka pelo e hloekileng, ka Jesu Kreste Morena oa rona. Amen.

2.  E rapellang thuso ea Moea o Halalelang.

Oho Molimo, ka  hobane nke ke ka U khahlisa ke se na thuso ea Hao, U ’nee kea U rapela, hore Moea oa Hao o Halalelang o tsamaise pelo la ka, O e buse ho tsohle tsee ke li buang, le ho tsohle tsee ke li etsang. Ka baka la Jesu Kreste. Amen.

3. E rapellang Tumelo.

U ’nee, Oho Morena, Molimo oa ka, hore tumelo ea ka ho Oena e be ea ’nete, e utloang; hore ke tle ke lumele tsohle tsee ke li rutoang Lentsoeng la Hao le Halalelang ke Kereke ea Hao e Halalelang. U ’nee kea U rapela, Oho Morena, hore tumelo ea ka ho Oena, le ho Mora oa Hao ea lehlohonolo, Moloki oa rona Jesu Kreste, e se ke ea felisoa ke mantsoe a batho ba bang. U ’nee, Oho Morena, ka baka la Hae. Amen.

4. E rapellang Tsabo ea Molimo.

Oho Molimo o matla ohle, Mopi oa lefatse, Moahloli oa batho bohle, U ’nee, kea U rapela hore ke tle ke U batlisise ka pelo ea ka eohle, ’me ke U sebeletse ka tsabo le ka hlonepho, ka Jesu Kreste Morena oa Rona. Amen.

Merapelo ea ba amohelang Selallo se Halalelang. Thapelo e ka etsoang ka tsatsi le leng le le leng, la bake pele u amohela Selallo se Halalelang.

Oho Morena Jesu Kreste, U mpitsetsa Kopanong ea Hao e Halalelang U lumela ho ’nea Sakramente sa lehlohonolo sa Mele le Mali a Hao. Kea tseba hore ha kea lokela ho U amohela ka ho ’na, U ’nee hore ke soabele libe tsa ka ka nete: Morena, U tle ho ’na hore U mphekole: Morena U tle ho ’na hore U ntloekise. U ’nee, Oho Morena hore ha ke se ke U amohetse, ke se ke ka lebala tsee U nketselitseng tsona: Mohan oa Hao o mpoloke ke se ka etsa letho le lebe. Amen.

Ka tsatsi la Kopano e Halalelang u fihle Kerekeng e sa le pele.

U Khumame hang, u etse merapelo ena:—

1. Oho Morena, kea U rapela hore U hloekise pelo ea ka, hore ha Mora oa Hao Kreste a e-tla, a fumane ka ho ’na ntlo e lokiselitsoeng Eena. Amen.
2. Oho Molimo o matla ohle, U ntalime, U mpone ke atamela Sakramente sa Mele le Mali a Mora o Hao, Morena oa rona Jesu Kreste. Kea U rapela, Oho Molimo, hore U ntloekise ka mohau oa Hao, hore ke tle ke amohele Bohobe ba ’nete bo theohang leholimong, ka tumelo le ka boikokobetso, ka Jesu Kreste. Amen.
3. Oho Ntate ea leholimong, U talime ngoana oa Hao lefatseng U ’nee hore yoaleka ha ke lakatsa ho amohela mona Sakramente sa Mora oa Hao, ka mokhoa o yoalo ka mora’ mona ka tle ke ’mone ka sefahleho leholimong, moo hammoho le Oena, Oho Ntate, le Moea o Halalelang, a phelang me a busang Molimo o le mong, ka ho sa feleng. Amen.

Teboho ka Mora’ kamohelo.

Ke U hlahisetsa liteboho, Oho Morena, ka hobane U ntumeletse ho amohela Sakramente se lehlohonolo sa Mele le Mali a Moloki oa ka Jesu Kreste. Kea U rapela hore Kopano ena e Halalelang e matlafatse tumelo ea ka. Oho ke ’ne ke hopole lefu la Jesu Sefapanong, ea shoetseng poloko ea ka: ke ’ne ke hopole bophelo ba Jesu ea phelang ka mehla, ea ’neileng bophelo ba Hae kajeno e be bophelo ba mele le moea oa ka. U ’nee, oho Morena, hore yoaleka ha ke U bone letsatsing lena ka tlas’a lesira la Sakramente: ka mokhoa o yoalo ke tle ke U bone ha morao ka mehla le mehla. Amen.

Sefela (Hymn.)
(Jesu, Lover of my Soul.)

Jesu, Oena Ea ratang
Moea oa me hakakang;
U ntselise maqhubung
A lefatse le tsoenyang.
U mpholose sefefong,
’U mpate Sefubeng sa Hao,
Me u nkise likoung
Tsa ba Hao ba phomolong.

Ke ’na ngoana ea sitoang
Ho ikenya meahong
E holimo, e khanyang,
Ea ba Hao ba khethiloeng;
Empa Oena Ea thusang
Ba tla lokisetsoa teng,
’Natlafatse ho lokeng,
Ke be ea e tsoanetseng.

Matla ’ohle a hlolang
Ke a Hao, Ea tsebang
Ho ipeela tlas’a Hao
Ntho tsohle tse senyang.
Moea oa ka o sa shoeng
’Mele oa ka o bolang,
U e bolokele, hle,
Khany’a Hao leholimong. Amen.